Video e tsamaisanang le thuto ya 7 ya letoto lena e araba dipotso tse latelang: Ke melao efe re lokelang ho e latela ha re sebelisa dikarolo tsa mangolo ho bophelo ba kajeno? Ke ka tsela efe tsebo ya moelelo wa pele wa karolo ya Mangolo e re thusa ho e sebelisa bophelong ba rona? Ke ka mekhoa efe Modimo a sa fetoheng? Na batho bohle ba na le tlhaho ya bokhopo? Ke ka tsela efe tsheletso ya Modimo ya morao e susumetsa kutloisiso ya rona ya tsheletso ya hae ya pejana? Ke tsagiso tsefe tse lokelang ho re susumetsa ho obeyela Mangolo? Na ho obeyela Bible ho fapana le ho obeyela Modimo? Ke dikarolo tsefe tsa setso tsa Testamente ya Khale le e Ncha tse dirousang Bible ho babadi ba kajeno? Ke ka tsela efe re lokelang ho balanya mefapano pakeng tsa setso sa mangolo le sa rona ha re sebelisa Mangolo bophelong ba rona kajeno? Ke ka tsela efe balumeli ba kajeno ba ka sebelisang Mangolo bophelong ba bona ka lebaka la diphetoho tsa historing ya pholoso? Ke ka tsela efe balumeli ba ka etsang Mangolo a bohlokoa le a sebelisekang bophelong ba bona kajeno?
